KHANSELE YA THEO YA MABITSO A DIBAKA YA AFRIKA BORWA
Hela mathaka, na le ya hokae ?
Pietersburg! Le lahlehile, lona le lokela ho ba Boemafofane ba Matjhaba ba Johannesburg. Pietersburg e setseng eo nna ke e tsebang e mane Russia..empa he, nna ke ya Polokwane!
Tjhe, butle ..le rona re ya Polokwane!
Atjhe! Banna. Mmuso ona o ntse o fetolaka le mabitso a dibaka ntle le lebaka. Kgele! Ke batlile ke fetwa ke lift ka baka la dintho tsena! Ha ke di rate ho hang!
Naha ena e hloka tjhelete ya ho haha matlo le ho lwantsha Aids, empa re ntse re tebela bahahlaudi naheng ya rona, le ha re sa tsebe moo re yang!
Le teng, ke bomang batho bana ba fetolang mabitso a naha ya habo rona!
Mamela monna. Ho fetolwa ha mabitso ha se feela ntho e mabapi le ho fumana lift e tla ho beha moo o yang. Ho mabapi le ho bapatsa naha ya habo rona, nalane ya rona le mafa a setjhaba sa habo rona.
Na re ka rekisa jwang naha ya habo rona, matjhabeng ha re sebedisa mabitso a nkuweng dinaheng tse ding a tliswa ho rona.
Re lokela ho etsa hore ho be le tjheseho e ntjha naheng ya habo rona, re bontshe boitsebiso ba sebele ba rona. Re lokela ho bolella dinaha tsa matjhaba hore rona re bo mang!
Helang, Ho lekane!
Ho ngolwa hape hwa mabitso a dibaka ka mokgwa o tshwanetseng ke ntho e amang maikutlo haholo, na ha ho jwalo?
Nka, sheba ka mona ka hara bukana ena, hang ho ba o qete, re tla buisana ka sehlooho sena. Re sa na le tsela e telele eo re lokelang ho e tsamaya! Ka hoo o na le nako e ngata ya ho e bala.
NA MABITSO A DIBAKA KE ENG ?
Ke mabitso a dibopeho tse lefatsheng tseo e leng tsa hlaho, kapa tse entsweng, kapa tse fetotsweng ke batho, mme di ka ba le batho kapa tsa se be le batho.
NA KHANSELE YA THEO YA MABITSO A DIBAKA YA AFRIKA BORWA (SAGNC) KE ENG?
Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa e hlonngwe ka Molao wa Theo ya Mabitso a Dibaka wa Afrika Borwa (wa nomoro ya 111 wa 1998) jwalo ka mokga o tla ba le boikarabelo ba ho ngola mabitso a dibaka ka tshwanelo mona Afrika Borwa. Yona e bopilwe ka Letona la Bonono le Setho.
Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa e bopilwe ka ditsebi tsa mabitso a dibaka, dipuo tsa semmuso le nalane ya setso, ekasitana le moemedi ya mong ho tswa provenseng ka nngwe le baemedi ba Lekala le ka Sehloohong la Disavei le Mmapa (Chief Directorate of Surveys and Mapping), Poso ya Afrika Borwa le Boto ya Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa le ditheo tse ding tse tshwanetseng.
Lekala la Tsamaiso la Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa le sebetsa ka Dikomiti tsa Diprovense tsa Theo ya Mabitso a Dibaka, mme boemong ba selehae le sebetsa ka Dikomiti tsa Selehae le tsa Ditereke.
O lokela ho ba boemong ba ho ka kgona ho fihlela dibopeho tsena sebakeng sa heno.
NA KE MABITSO AFE A DIBAKA AO KHANSELE YA THEO YA MABITSO A DIBAKA YA AFRIKA BORWA E SEBETSANG KA ONA?
Ho e beha feela ha bobebe, ke mabitso a dibopeho tsohle tse leng teng ka hara naha.
NA KE MABITSO AFE A DIBAKA A SA WELENG TLASA TAOLO YA KHANSELE YA THEO YA MABITSO A DIBAKA YA AFRIKA BORWA?
Ao, ke mabitso a semolao.
Mohlala, lebitso la naha, mabitso a diprovense le mabitso a makgotla a metse, ekasitana le dibopeho tse leng ka tlasa taolo ya makgotla a metse tse jwalo ka diterata, meaho ya bomasepala, diskwere, diphaka, mabitla.
E be ho ba le meaho le dipolasi tsa poraefete.
Mme hape le mabitso a ditikoloho tse sebedisetswang ho ngodisa ho ba monga mobu, a tsejwang ka mabitso a Cadastral.
Leha ho le jwalo, mabitso ohle a semolao a lokela ho tsamaelana le maano a ho reella mabitso a Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa.
NA KE KA BAKA LANG MABITSO A DIBAKA A LOKELWANG HO NGOLWA KA MOKGWA O TSHWANETSENG?
Batho ba na le ho neha dibaka tse fapaneng lebitso le le leng, kapa ka nako e nngwe mabitso a dume ka ho tshwana, kapa, mopeleto wa sebaka se seng o atamela haholo ho wa sebaka se seng hape.
Mme he, naheng e sebedisang dipuo tse ngata e jwalo ka Afrika Borwa, dibaka hangata di ba le mabitso a fetang le le leng.
Hona hohle ho baka tlhokeho ya kutlwisiso le pherekano. Bakeng sa ho qoba hona, lefatsheng lohle mabitso a dibaka a ntse a ngolwa hape ka mokgwa o tshwanetseng ke mekga ya taolo.
Ho bohlokwa ho ngola mabitso a dibaka hape ka mokgwa o tshwanetseng bakeng sa ho tiisetsa nalane ya naha le tjhebahalo ya yona, le bakeng sa kgwebo le kgwebisano, dipalangwang, dikgokahano, thero ya lebatowa le tikoloho, ditshebeletso tsa kahisano, saense le thekenoloji, dikgetho le palo ya batho, bohahlaudi, taolo ya dikodua le mesebetsi ya ho fuputsa le ho pholosa.
JWALE HE NA HO NGOLWA HONA HA MABITSO KA MOKGWA O TSHWANETSENG HO ETSWA JWANG?
Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa e amohela dikopo tsohle hore di romelwe ho ya tjhaelwa monwana jwalo ka mabitso a dibaka tlasa taolo ya tsona, mme e be e etsa bonnete ba hore ho ba le ditherisano tse tshwanetseng, le hore lebitso le fihlela ditlhoko tsa Khansele ka hohlehohle.
Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa e etsa qeto ya makgaola kgang ka sebopeho kapa dibopeho tsa mabitso e be e eletsa Letona.
Hang ho ba lebitso le tjhaelwe monwana ke Letona, lebitso leo le tla be le se le ngolwa ka mokgwa o tshwanetseng.
Ka mora moo le tla phatlalatswa Koranteng ya Mmuso ho ba la semmuso e be le tsebiswa ka bophara, mme la sebediswa.
NA MOSEBETSI WA KOPO LE HO TJHAELWA MONWANA O NKA NAKO E KAE?
Khansele e kopana ka makgetlo a mane ka selemo. E re ka ha hangata tieho e bakwa ke dintlha tse sa fellang kapa tse fosahetseng foromong ya kopo, bakopi ba lokela ho lemoha hore ho ngolwa ka mokgwa o tshwanetseng ha mabitso a dibaka, ke mosebetsi o nkang nako e telele.
Ka nako eo ho rerwang ka yona, ho tshwanetswe hore ho etswe ditlhophiso bakeng sa nako ya ho leta e ka etsang bonyane dikgwedi tse tharo, mme ho elwe hloko hore foromo ya kopo e tlatswe ka nepahalo ho thibela tieho e nngwe hape e tla nka nako e telele.
Motho e mong le e mong a ka fumana foromo ya kopo ho tswa websaeteng (Lefapha la Bonono le Setho) e leng www.dac.gov.za boemong ba naha, diofising tsa diprovense le tsa selehae tse sebetsanang le mabitso a dibaka, kapa, o ka etsa kopo ka ho sebedisa poso ya elektroniki ka ho kena ho www.sagns.gov.za.
Pele o tlatsa foromo ya kopo o lokela ho nahana ka hloko mme o qobe ?
Mabitso a seng a tjhaetswe monwana bakeng sa dibaka tse ding tsa Afrika Borwa;
Mabitso a dibaka tsa dinaha tse ding, le mabitso a dinaha tse ding;
Mabitso a nyefolang, a sa lokang, a utlwisang bohloko, a rohakanang, a se nang botle kapa a swabisang;
Mabitso a kgethollang kapa a kgesang ka ho ya ka borabe, mmala kapa tumelo, bong, hore o wa mokgatlo ofe wa dipolotiki kapa dintlha tse ding tsa kahisano;
Mabitso a bopilweng ka mabitso a batho feela, ntle le ho ba le ntho e nngwe e itseng e akaretsang, e jwalo ka phaka;
Mabitso a ka nkuwang a bapatsa sehlahiswa se itseng sa kgwebo, tshebeletso kapa feme;
Ka kakaretso, mabitso a batho ba ntseng ba phela a lokelwa ho qojwa.
Dintho le dibaka tse reelletsweng ka mabitso a motho/batho di lokela ho lekanngwa le maemo a motho/batho bao. Mohlala, ho reellwa ntho e sa hlakang ka motho wa bohlokwa setjhabeng.
Mme, hape, ho lokelwa ho fumanwa tumello e ngotsweng fatshe, moo ho kgonehang, ho tswa mothong eo kapa ho ba lelapa la hae kapa bajalefa ba hao, pele lebitso la motho eo le ka sebediswa.
Ho lokile, nna ke tla thinya mona, Polokwane e ka ba dikilometara tse 15 ho tloha mona.
Le tsamaye hantle, ? le natefelwe ke sebaka sena!
Hela ..Re leboha ho re palamisa.
Ee ! Re a leboha ?Tsamaya hantle.
